Open-access Tokafatso ya tikoloho moelelong wa thero/tokisetso

Abstract

Dilemong tsena, tokafatso ya tikoloho e bile bohlokwa dithutong tse ngata tsa saense ya botho, empa e fumane tlotla e nnyane/lekaneng therong/tokisetsong, haholoholo tsebong/ditheoring tsa thero/tokisetso ya sepakapaka. Tekanyo ya toka bakeng sa tikoloho tsebong/theoring ya thero/tokisetso e ntse e sa ngolwa fatshe kapa e tlasa dipatlisiso tsa thero/tokisetso. Thuto ena e hlahloba ditheori/ditsebo tsa thero/ tokisetso hodima mokgwa o bontshang ditekanyo tsa toka ya tikoloho. Diphetho tsa mosebetsi di bontsha hore ka kakaretso ditheori tsa thero/tokisetso, di kopanya toka ya tikoloho ho fihla sebakeng se itseng. Thuto ena e kgothalletsa tlhahiso ya phetoho e ntjha mohlaleng wa toka ya tikoloho therong/tokisetsong bakeng sa ho kwala sekgeo se bonweng theoring ya thero le ketso. Mabapi le ketso ya thero, thuso e hlahisa tlhoko ya bahlophisi tabeng ya ho sebedisa melaotheo ya toka ya tikoloho therong ya ho fumana tekatekano phanong, kamohelong, ho bankakarolo, kelohlokong ya bokgoni le ditshwaetso tsa tlhokomelo le tlhatlhobo.


location_on
University of the Free State University of the Free State, Bloemfontein, Free State, ZA, 9301, Tel: +27 51 401 3546 - E-mail: trp@ufs.ac.za
rss_feed Stay informed of issues for this journal through your RSS reader
Go to top