Table of contents
Town and Regional Planning, Volume: 72, Published: 2018
Sort publications by
Town and Regional Planning, Volume: 72, Published: 2018
| Documents |
|---|
| From the editor Steÿn, Das |
|
Articles Communicative mapping as a means for promoting legal land tenure: The case study of the Goedverwacht Moravian Mission Village, in the Western Cape, South Africa Pinfold, Nicholas Abstract in zz: Molao o sa tswa etswa wa Western Cape Land Use Act, 2014 (Act No. 3 ya 2014) o phumula/tlosa Rural Act, 1987 (Act No. 9 ya 1987) mme o hloka hore lefatshe lohle hara mmasepala le kenyelletswe hara ditokiso tsa dibaka tsa mmasepala tse seng di le teng. Temoho ya sena e entse tlhokeho ya botsitso bathong ba dulang Goedverwacht Moravian Mission Village (Goedverwacht), Western Cape; mabapi le bokamoso ba tsela ya bophelo ba kopanelo dikerekeng. Tebellong ya phetoho, baithuti ba Cape Peninsula University of Technology (CPUT) ba nkile karolo projekeng therong ya thuto ka ditshebeletso, ho fumana bohlokwa ba mmapa wa dipuisano jwaloka mokgwa wa khiro ya lefatshe e molaong. Atikele ena e hlalosa hore mmapa wa dipuisano ke tsela ya bohlokwa ya ho etsa tlhokomediso ya sepakapaka sebakeng seo batho ba dulang ho sona. Diphumano di bontsha hore ho etsa mmapa wa nakwana wa "cadastral", ho sebediswa dipehelo tse akaretsang, tekanyetsong e nepahetseng bakeng sa morero; ke tsela e ntle ya ho etsa tlhokomediso le ho fana ka tsela ya ho kgothalletsa khiro e molaong ya lefatshe.Abstract in English: The newly enacted Western Cape Land Use Planning Act (Act No. 3 of 2014) repeals the Rural Areas Act (Act No. 9 of 1987) and requires that all land within a municipality be incorporated into an existing municipal zoning scheme. The prospect of this has created uncertainty among the residents of the Goedverwacht Moravian Mission Village (Goedverwacht) in the Western Cape regarding the future of its communal church lifestyle. In anticipation of change, students from the Cape Peninsula University of Technology (CPUT) have embarked on a community mapping service-learning project at Goedverwacht to explore the usefulness of communicative mapping as a means for promoting legal land tenure. This article argues that communicative mapping is a valuable way of creating spatial awareness in a communal settlement. The findings show that creating an interim cadastral map using general boundaries at an accuracy fit for purpose is a feasible way of creating spatial awareness and provides a means for promoting legal land tenure.Abstract in af: Die nuwe Wes-Kaapse Grondgebruikbeplanningwet (Wet Nr 3 van 2014) herroep die Wet op Landelike Gebiede (Wet Nr 9 van 1987) en vereis dat alle grond binne 'n munisipaliteit opgeneem word in 'n bestaande munisipale soneringskema. Hierdie vooruitsig het onsekerheid geskep onder die inwoners van die Goedverwacht Moravian Mission Village (Goedverwacht) in die Wes-Kaap aangaande die toekoms van sy gemeenskaplike kerklike lewenstyl. In afwagting van verandering het studente van die Kaapse Skiereiland Universiteit van Tegnologie (CPUT) begin met 'n gemeenskapskaartdiens-leerprojek by Goedverwacht om die nut van kommunikatiewe kartering te ondersoek as 'n middel om wetlike grondbesit te bevorder. Hierdie artikel beweer dat kommunikatiewe kartering 'n waardevolle manier is om ruimtelike bewustheid in 'n gemeenskaplike nedersetting te skep. Die bevindinge toon dat die skep van 'n tussentydse kadastrale kaart met behulp van algemene grense met 'n akkuraatheid vir die doel, 'n haalbare manier is om ruimtelike bewustheid te skep en 'n middel vir die bevordering van wettige grondbesit bied. |
|
Articles The underbelly of the Berea: Challenges to orthodox planning for the creation of sustainable suburban neighbourhoods in South Africa Hansmann, Robynne Lincoln, Gilberte Musvoto, Godfrey Abstract in zz: Ntshetsopele e tsitsitseng ya tikoloho ke ngongoreho ya molao wa lefatshe wa hlophiso/tokisetso ya setoropong bakeng sa mongwahakgolo wa "21st century". Karolong e ka Borwa ya lefatshe, dingongoreho tsena di tswella pele mmoho le ho eketseha ha setjhaba le maemo a bofutsana ditoropong. Ditikolohong tsa kgale tsa kgethollo Afrika Borwa; diphepetso tsa ho etsa ditikoloho tse nang le botsitso ho tswa ho ditikoloho tsa hajwale tsa ka mora bokolone, ha di a hlaka, hape di a hanyetsana. Ditikoloho/dibaka tsa metsetoropo tsa nakong ya kgethollo, tseo e neng e le tsa bodulo feela (mono-functional), di fetoha sebopeho, le tshebediso ya tsona le bongata ba batho "demography". Re sebedisa mohlala wa tikoloho ya Berea toropo e kgolo ya eThekwini (Durban), atikele ena e hlahloba karabelo ya thero/ tokisetso ya tshebediso ya lefatshe ka mokgwa wa toka "orthodox" bakeng sa phetoho e tsitsitseng ya tikoloho ho tloha ka 1994. E tsepamisa mohopolo hodima tlhatlhobo ya nalane/histori ya thero/tokisetso ya toka "orthodox", ho fapanyetsana le molao wa hajwale le dikarolo tsa phetoho ya tshebediso ya lefatshe, Berea. Pokello ya dintlha (data) e sebedisitsweng e kenyelletsa tlhatlhobo ya dikahare tsa Berea General Plans ho tloha ka1857, Town Planning Schemes le ditokomane tse amehang, dipuisano tse kgethilweng ka boomo, ditlhokomediso, mmapa wa GIS bakeng sa dikopo tsa hlophiso le tlhatlhobo e itshetlehileng hodima pokello ya dintlha tsa palo ya setjhaba (census data) ho tloha ka 2001 - 2011. Atikele ena e qeta ka hore thero/tokisetso ya tikoloho ya motsetoropo wa kgale o neng o na le tshebediso e le nngwe ya bodulo feela (mono-functional) o ikarabella ka matla mekgweng e sa tshwaneng, Berea.Abstract in English: Sustainable neighbourhood development is a global urban planning policy concern for the 21st century. In the global South, these concerns persist alongside increasing population and poverty levels in cities. In South Africa's established former apartheid neighbourhoods, the challenges of creating sustainable neighbourhoods from the current post-colonial neighbourhood are unclear and contradictory. Former largely mono-functional suburban neighbourhoods of the apartheid period are undergoing changes in form, function and demography. Using the case of Berea suburban neighbourhood in the metropolitan city of eThekwini (Durban), the article explores the responsiveness of orthodox land-use planning to sustainable neighbourhood change from 1994. It focuses on a historical review of orthodox planning vis-â-vis recent policy and land-use change dynamics in the Berea. Data used include a content analysis of the Berea General Plans from 1857, Town Planning Schemes and related documents, purposively selected interviews, observations, GIS mapping of planning applications, and analysis based on South African demographic census data from 2001 to 2011. The article concludes that former largely mono-functional orthodox suburban neighbourhood planning is insufficiently responsive to heterogeneity trends on the Berea.Abstract in af: Die ontwikkeling van volhoubare omgewings is 'n bekommernis vir globale stedelike beplanningsbeleid vir die 21ste eeu. Hierdie bekommernisse tesame met groeiende bevolking en vlakke van armoede in stede duur voort in die globale Suide. In Suid-Afrika se gevestigde voormalige apartheidswoonbuurte, is die uitdagings vir die skep van volhoubare buurte vanuit die huidige post-koloniale omgewingsveranderingsdinamika onduidelik en teenstrydig. Voormalige hoofsaaklik mono-funksionele voorstedelike woonbuurte van die apartheidstydperk ondergaan tans veranderinge in vorm, funksie en demografie. Met behulp van die Berea-gevallestudie in die sub-stedelike omgewing in die stad van Durban ondersoek die artikel die reaksie van ortodokse grondgebruikbeplanning vir volhoubare omgewingsverandering vanaf 1994. Dit fokus op 'n historiese oorsig van die ortodokse beplanning vis-â-vis die huidige dinamikabeleid en grondgebruikverandering in Berea. Data wat gebruik is, sluit in 'n tydreeksanalise van die Berea grondgebruikskema van 1857 tot die hede, doelgerigte geselekteerde onderhoude, waarnemings, GIS-kartering van beplanningsaansoeke, en analise gebaseer op Suid-Afrikaanse demografiese sensus data vanaf 2001 tot 2011. Die artikel dui aan dat voormalige hoofsaaklik mono-funksionele ortodokse sub-stedelike omgewingsbeplanning onvoldoende reageer op heterogeniteittendense op Berea. |
|
Articles Considering spatial planning for the South African poor: An argument for 'planning with' Cilliers, Juaneé Victor, Hestia Abstract in zz: Atikele ena e ela hloko tshitshinyo ya Thero/tokisetso ya Sepakapaka Afrika Borwa, e hlalosa diphepetso tse amanang le diphapang tse kgolo pakeng tsa dibaka tse molaong le tse seng molaong. Tsebo/theori ya toropo le setereke, hammoho le mekgwa ya "anthropology" di kopantswe hammoho atikeleng ena ka teko ya ho fana ka mokgwa o kopanetsweng ka ho fetisisa bakeng sa thero/tokisetso ya sepakapaka, ho buella taba ya ho "hlophisa hammoho le" MaAfrika Borwa a fumanehileng; e seng ho "hlophisa bakeng sa" bona. Ho sebedisa mokgwa wa boleng wa ho sheba bankakarolo, le phuputso ka tsela ya ho ya bathong ya "ethnographic", eo e ileng ya etsetswa dibakeng tsa bodulo tse seng molaong Marikana, Potchefstroom, Afrika Borwa, di thusitse ho etsa ditlhahiso tse fanang ka tsebo e nang le boleng bakeng sa ho tshehetsa mekgwa ya ho "hlophisa ka" katamelo. Lewa le letjha la baahi ba Marikana la "DIY formalisation" la ho kenya dipompo tsa setjhaba, le nkilwe jwaloka mohlala o hlakileng wa tharollo e ntle/utlwahalang la selehae, bakeng sa mathata a phano ya ditshebeletso; mme ho ngangisanwa ka ho re tharollo e ne e tlameha o elwa hloko nakong eo ho "hlophiswang le" bafumanehi. Dipatlisiso di re, ntle le phapang moelelong, mekgwa ya "ho hlophisa le" baahi e na le karolo ya bohlokwa dibakeng tsa bodulo ka bobedi: tse seng molaong le tse molaong. Ka hoo, phuputso e qaqisitse boleng ba mekgwa ya "ho hlophisa le" baahi Afrika Borwa, ho tse amanang le tikoloho -, setjhaba -, moruo- dipolotiki le dipehelo tse batsi tsa hlophiso/tokisetso.Abstract in English: This article considers the notion of 'spatial planning' in South Africa, elaborating on the challenges relating to the wide disparities between formal and informal areas. Town and Regional Planning theory and anthropological approaches are fused together in this article in an attempt to provide a more integrated approach to spatial planning, arguing in favour of 'planning with' poor South Africans, in contrast to 'planning for'. By using qualitative participant observation, an ethnographic fieldwork study conducted in Marikana informal settlement, Potchefstroom, South Africa, helped form reflections that offer valuable insights in support of the 'planning with' approach. Marikana residents' innovative DIY-formalisation plan of installing communal taps is considered a vivid example of pragmatic local solutions to service-delivery issues and it is argued that these solutions should be considered when 'planning with' the poor. The research argues that, despite being different in context, 'planning with' approaches have a prominent role to play in both formal and informal settlements. As such, the research elaborated on the value of 'planning with' approaches in South Africa, relating to environmental, social, economic, political and broader planning considerations. The article does not offer a generalizable solution to all planning challenges in South Africa. It concludes with a reflection of the ethnographic fieldwork conducted in the case study linked to broader themes of the possible planning interventions, considering the delineation of social power, context-based needs, ownership and accountability, and the importance of environmental education for all socio-economic classes, in an attempt to inspire planners, policymakers and anthropologists to And new ways of 'thinking with' and 'planning with' each other.Abstract in af: Hierdie artikel oorweeg die idee van 'ruimtelike beplanning' in Suid-Afrika en brei uit op die uitdagings wat verband hou met die groot ongelykhede tussen formele en informele areas. Stads- en Streekbeplanningsteorie en antropologiese benaderings word in hierdie artikel saamgevoeg in 'n poging om 'n meer geïntegreerde benadering tot ruimtelike beplanning te bied, wat argumenteer ten gunste van 'beplanning saam met', in teenstelling met 'beplanning vir' arm Suid-Afrikaners. Deur gebruik te maak van kwalitatiewe deelnemende waarneming het 'n etnografiese veldwerkstudie in Marikana informele nedersetting, Potchefstroom, Suid-Afrika, gehelp om refleksies te vorm wat waardevolle insigte bied ter ondersteuning van die 'beplanning met'-benadering. Marikana-inwoners se innoverende DIY-formaliseringsplan van die installering van gemeenskaplike krane word beskou as 'n goeie voorbeeld van pragmatiese plaaslike oplossings vir diensleweringskwessies. Daar word aangevoer dat hierdie oplossings in ag geneem moet word as 'beplanning saam met' armes. Die navorsing beweer dat 'beplanning saam met'-benaderings 'n prominente rol kan speel in beide formele en informele nedersettings, ten spyte van die verskil in konteks. As sodanig het die navorsing uitgebrei oor die waarde van 'beplanning saam met'-benaderings in Suid-Afrika, in terme van omgewings-, sosiale, ekonomiese, politieke en breër beplanning oorwegings. Die artikel poog nie om 'n veralgemeende oplossing te bied vir alle beplanning uitdagings in Suid-Afrika nie. Dit sluit af met 'n weerspieëling van die etnografiese veldwerk wat in die gevallestudie uitgevoer is, gekoppel aan breër temas van die moontlike beplanningsintervensies, met inagneming van die afbakening van sosiale mag, konteksgebaseerde behoeftes, eienaarskap en aanspreeklikheid en die belangrikheid van omgewingsopvoeding vir alle sosio-ekonomiese klasse, in ' poging om Beplanners, Besluitnemers en Antropoloë te inspireer om 'saam te dink' en 'saam te beplan'. |
|
Articles Post-industrial urban quarries as places of recreation and the new wilderness - a South African perspective Vosloo, Piet Abstract in zz: Sepheo sa atikele ena se na le dikarolo tse tharo: Ho hlahloba botjha kgopolo ya nahathote/lefella jwaloka sebaka seo batho ba ka se bonang e le karolo ya ditlhoko tsa bona tsa boithabiso. Ho fuputsa hore na dibaka tse bileng teng ka mora diindasteri di tla kgona ho phethahatsa ditlhoko tsena le ho fuputsa meralo ya molao Afrika Borwa, eo ho yona ho tsosolosa le tshebediso botjha di ka etswang. Sepheo hase ho hlahisa dithuto tsa mehlala (case study) tse nang le dintlha ka dibaka tse bileng teng ka mora diindasteri, tse lokisitsweng kapa tse ntlafaditsweng bakeng sa tshebediso e fapaneng le ya lefatshe, empa e le ho bontsha bokgoni ba dibaka tse kang tseo. Boholo ba baahi ba Afrika Borwa ba phela setoropo, mme ba na le toro/tjhebelopele e nnyane ka lebaka la ditshitiso tse itseng ya ho etela dibaka tsa tlhaho kapa nahathote/lefella le entsweng ke batho bakeng sa mabaka a fapaneng a boithabiso. Kgopolo e teng hajwale ka nahathote/lefella e hlahlojwa ka botebo le tlhoko ya ho fetola kgopolo ya rona ka nahathote/lefella di a sekasekwa. Saense ya tshebediso ya melao ya tlhaho (biophysical) le tsa setjhaba le moruo (socio-economic nature), hammoho le moralo o molaong moo teng kgonahalo ya ntlafatso ya dibaka tsa rona tse bileng teng ka mora diindasteri lefatsheng ka bophara di tlamehile ho bonwa. Di hlahlojwe bakeng sa ho bona hore na di ka kgona ho tsoswa jwaloka dibaka tsa kantle tsa boithabiso le nahathote/ lefella la motsetoropo. Ho bontshwa hore, ka tekodisiso ya dingolwa le ho hlahloba dithuto tse hlano tsa mehlala; tse hlalositseng hore dibaka tsena di kgona ho kgotsofatsa ditlhoko tsa tlhaho tsa baahi ba toropong, tsa dibaka tsa boithabiso tse kantle le dibaka kapa nahathote/lefella la tlhaho; le hoja di entswe ke batho, hape ntle le diphepetso tsa tsamaiso tse tlisitsweng ke dipehelo tsa tsamaiso ya meralo ya tshebetso ya sepakapaka toropong le melao ya Afrika Borwa.Abstract in English: The objective of this article is threefold: To re-evaluate the concept of wilderness as a place to be experienced by human beings as part of their outdoor recreational needs; to investigate if reclaimed post-industrial urban quarries can fulfil these needs, and to investigate the legislative frameworks in South Africa within which such reclamation and re-use can be undertaken. The objective is not to present detailed case studies of post-industrial urban quarries that have been rehabilitated or redeveloped for a different land use, but rather to demonstrate the potential of such quarries. The majority of South Africa's population is urbanised and has hardly any prospect, due to various constraints, of ever visiting natural or even 'man-made wilderness' areas for recreational purposes. The currently held concept of wilderness is critically evaluated and the need to change our perception of wilderness is discussed. The biophysical and socio-economic nature, as well as the legal framework, within which the redevelopment potential of our ubiquitous post-industrial urban quarries must be viewed, are examined to determine whether they can be reclaimed as outdoor recreation places and a new 'urban wilderness'. It is shown, through a literature review and examining Ave case studies, that reclaimed quarries can satisfy urban dwellers' innate need for outdoor recreational spaces and natural or wilderness areas, albeit man-made and despite the procedural challenges posed by the requirements of the South African regulatory urban spatial planning frameworks and Acts.Abstract in af: Die doel van hierdie artikel is drieledig: Om die konsep van wildernis as 'n plek wat mense kan ervaar as deel van hul buitelug-ontspanningsbehoeftes te herevalueer; om te bepaal of herwinde postindustriële stedelike steengroewe aan hierdie behoeftes kan voldoen, en om die wetlike raamwerke waarbinne sodanige herwinning en hergebruik kan plaasvind te ondersoek. Die doel is nie om detailleerde gevallestudies van sodanige steengroewe aan te bied nie maar eerder om die potensiaal daarvan aan te toon. Die meerderheid van die Suid-Afrikaanse bevolking is verstedelik en het min vooruitsigte, weens verskeie beperkings, om ooit natuurlike of selfs 'mensgemaakte' wildernisgebiede vir ontspanning te besoek. Die huidig-aanvaarde konsep van wildernis word krities geëvalueer en die noodsaaklikheid om ons persepsie van wildernis te verander word bespreek. Die biofisiese en sosio-ekonomiese aard van ons alomteenwoordige postindustriële stedelike steengroewe word ondersoek om te bepaal of hulle herwin kan word as plekke van buitelugontspanning en 'n nuwe 'stedelike wildernis'. Daar word aangetoon, deur middel van 'n literatuuroorsig en vyf gevallestudies, dat herwinde postindustriële stedelike steengroewe wel stedelinge se ingebore behoefte vir buitelug-ontspanningsplekke en natuurlike of wildernisgebiede, alhoewel mensgemaak, kan bevredig ten spyte van die prosedurele uitdagings wat deur die vereistes van die Suid-Afrikaanse regulatoriese stedelike beplanningsraamwerke en wette gestel word. |
|
Articles Do social grants contribute to the jobless population growth in the former South African homelands? Geyer, Herman Ngidi, Mawande Mans, Gerbrand Abstract in zz: Metse ya pele ya mahae (homelands) le merabe e nang le balaodi, e na le baahi ba bangata haholo, hammoho le ho teteana/petetsana (densities) ho phahameng; ho nang le tshebetso e tlase ya moruo le mesebetsi e tlase. Kgolo ya baahi dibakeng tsena e fapane ho ditebello tsa ho fokotseha ha baahi ka lebaka la ho fallela ditoropong. Lebaka le ka bang teng e kanna ya ba boitshetleho bo boholo/bo matla hodima ditjhelete tsa mmuso metseng ya pele ya mahae. Atikele ena e hlahloba sekgahla sa kgolo ya baahi, sekgahla sa kgolo ya moruo le karolelano ya tjhelete eo mmuso o e fileng baahi ba metseng ya pele ya mahae pakeng tsa 1996 le 2011. Ka ho sebedisa mekgwa e mengata ya taolo e lekanyeditsweng, atikele e fumana hore na kgolo e makatsang ya baahi, e se nang moruo wa bohlokwa o tswellang pele, o kopanngwa le ho fetiswa ha thekolohelo, di na le kgahlamelo efe. Diphetho di bontshitse hore kgolo ya baahi e etswa ke ho eketseha ha dihlopha tse dilemong tsa ho fumana thuso ya ditjhelete ya mmuso dibakeng tsa mahae; ka lebaka la sekgahla se seholo sa ho tswalwa ha bana le maqheku a fallelang ditoropong. Ka lehlakoreng le leng, dihlopha tse ding tsa dilemo di bontsha ho fokotseha ha baahi.Abstract in English: The former homelands and tribal authorities have large populations and high densities with low levels of economic activity and low employment. Population growth in these settlements is in contrast to expectations of population declines, due to urban migration. A possible reason could be the high level of dependency on social grants in the former homelands. The article analyses population growth rates, economic growth rates and the ratio of social grant recipients within former homeland settlements between 1996 and 2011. By using weighted multiple regression tests, the article determines whether the phenomenon of population growth, in the absence of significant economic activity, is linked to welfare transfers. The results indicate that population growth is the product of increases in age cohorts qualifying for social grants in rural areas, due to high birth rates and pensioner in-migration from urban areas. By contrast, other age cohorts show population declines.Abstract in af: Die voormalige tuislande en stamowerhede het groot bevolkings en hoë digthede met lae vlakke van ekonomiese aktiwiteit en lae indiensneming. Bevolkingsgroei in hierdie nedersettings is in teenstelling met verwagtinge van bevolkingsdalings as gevolg van stedelike migrasie. 'n Moontlike rede kan die hoë vlak van afhanklikheid op sosiale toelaes in die voormalige tuislande wees. Die artikel analiseer bevolkings-groeikoerse, ekonomiese groeikoerse en die persentasie maatskaplike toelaag-ontvangers in voormalige tuislandnedersettings tussen 1996 en 2011. Deur gebruik te maak van geweegde meervoudige regressietoetse, bepaal die artikel of die verskynsel van bevolkingsgroei, in die afwesigheid van beduidende ekonomiese aktiwiteit, gekoppel is aan welsynsoordragte. Die resultate dui daarop dat bevolkingsgroei die produk is van die toename in ouderdomsgroepe wat kwalifiseer vir maatskaplike toelaes in landelike gebiede, as gevolg van hoë geboortekoerse en pensioenarisbevolkingsin-migrasie uit stedelike gebiede. In teenstelling hiermee toon ander ouderdomsgroepe bevolkingsafnames. |
|
Articles The generation of competencies and standards for planning in South Africa: Differing views Sihlongonyane, Mfaniseni Fana Abstract in zz: Ho tloha qalehong ya thero/tokisetso Afrika Borwa dilemong tsa mashome a mahlano a nang le metso e mmedi tse fetileng, mekgahlelo e molaong e etelletseng mosebetsi oo pele ha e soka e beya bokgoni le maemo, bakeng sa ho etsa moralo wa kgolo ya thuto; tumello ya dikolo, boingodiso ba bahlophisi le tshebetso ya profeshenale. Ka 2010, South African Council of Planners, eo e leng mokgatlo o molaong; bakeng sa tsamaiso le netefaletso ya boleng ba profeshene ya thero/tokisetso; e qadile tsamaiso ya ho hlahisa bokgoni le maemo bakeng sa ho tobana le diphepetso tse ngata tse ileng tsa hlaha ka lebaka la tlhokeho ya moralo wa tshebetso. Setjhaba sa sete/se ipopileng ka Bokgoni le Maemo se susumeleditse dipuisano tse ngata diphatjheseng/dibakeng tsa thuto e phahameng le mahareng a lekgotla le mekgatlo e meng ya profeshenale tikolohong e ahilweng. Pele, atikele ena e sheba dintlha tse entseng qaleho ya tsamaiso ya Bokgoni le Maemo. Sa bobedi, e sheba nalane/histori ya tsamaiso. Sa boraro, e bua ka mathata a ka kgonang ho sekasekwa boitjhorisong ba mekgahlelo e fapaneng; nakong ya tsamaiso. Ya ho qetela, e tsebahatsa dikatleho tsa tsamaiso. Tabakgolo ya dipuisano atikeleng ena ke hore tsamaiso ya Bokgoni le Maemo e bontsha kgato ya bohlokwa ho ya phethohong ya thuto, empa kopano e tla hlokahala bakeng sa ho thusa/tlisa diphetoho profesheneng ya thero/tokisetso.Abstract in English: Since the founding of planning in South Africa fifty-two years ago, the statutory bodies governing the profession have not set the competencies and standards in order to create a framework for curriculum development, the accreditation of schools, as well as the registration of planners and their professional practice. In 2010, the South African Council for Planners, a statutory body responsible for the regulation and quality assurance of the planning profession, initiated a process of generating Competencies and Standards to deal with the many challenges that had arisen as a result of the lack of the framework. The generation of a set of Competencies and Standards has stimulated much debate in the corridors of higher learning and between the Council and other related professional bodies in the built environment. This article first traces the motivating factors for the initiation of the Competencies and Standards process; secondly, it examines the history of this process; thirdly, it discusses the debatable issues raised in the various interactive workshops during the process. And lastly, it identifies the achievements of the process. The thrust of argument in the article is that the Competencies and Standards process marks a significant step towards curriculum reform, but more engagement will be required to facilitate transformation in the planning profession.Abstract in af: Sedert die ontstaan van beplanning in Suid-Afrika twee en vyftig jaar gelede, het die statutêre liggame wat die professie bestuur, nie die bevoegdhede en standaarde gestel om 'n raamwerk vir kurrikulumontwikkeling, die akkreditering van skole, en die registrasie van beplanners en hul professionele praktyk te skep nie. In 2010 het die Suid-Afrikaanse Raad vir Beplanners, 'n statutêre liggaam wat verantwoordelik is vir die regulering en gehalteversekering van die beplanningsprofessie, 'n proses voorgestel om vaardighede en standaarde te genereer om die vele uitdagings wat ontstaan het as gevolg van die gebrek aan 'n raamwerk, aan te spreek. Die skep van 'n stel vaardighede en standaarde het baie debat in die gange van hoër onderwys en tussen die Raad en ander verwante professionele liggame in die beboude omgewing gestimuleer. Hierdie artikel verduidelik eerstens die motiverende faktore vir die inisiëring van die Bevoegdhede en Standaarde-proses. Tweedens, vertel dit die geskiedenis van hierdie proses. Derdens word die debatbare kwessies wat gedurende die proses tydens die verskillende interaktiewe werkswinkels geopper is, weergegee. Ten slotte identifiseer dit die prestasies van die proses. Die argument in die artikel is dat die Bevoegdhede en Standaarde-proses 'n belangrike stap in die rigting van kurrikulumhervorming is, maar meer betrokkenheid sal nodig wees om transformasie in die beplanningsprofessie te fasiliteer. |
|
Articles Environmental justice in the context of planning Ntiwane, Bongane Coetzee, Johnny Abstract in zz: Dilemong tsena, tokafatso ya tikoloho e bile bohlokwa dithutong tse ngata tsa saense ya botho, empa e fumane tlotla e nnyane/lekaneng therong/tokisetsong, haholoholo tsebong/ditheoring tsa thero/tokisetso ya sepakapaka. Tekanyo ya toka bakeng sa tikoloho tsebong/theoring ya thero/tokisetso e ntse e sa ngolwa fatshe kapa e tlasa dipatlisiso tsa thero/tokisetso. Thuto ena e hlahloba ditheori/ditsebo tsa thero/ tokisetso hodima mokgwa o bontshang ditekanyo tsa toka ya tikoloho. Diphetho tsa mosebetsi di bontsha hore ka kakaretso ditheori tsa thero/tokisetso, di kopanya toka ya tikoloho ho fihla sebakeng se itseng. Thuto ena e kgothalletsa tlhahiso ya phetoho e ntjha mohlaleng wa toka ya tikoloho therong/tokisetsong bakeng sa ho kwala sekgeo se bonweng theoring ya thero le ketso. Mabapi le ketso ya thero, thuso e hlahisa tlhoko ya bahlophisi tabeng ya ho sebedisa melaotheo ya toka ya tikoloho therong ya ho fumana tekatekano phanong, kamohelong, ho bankakarolo, kelohlokong ya bokgoni le ditshwaetso tsa tlhokomelo le tlhatlhobo.Abstract in English: In recent years, environmental justice has been central in many Social Sciences discourses; yet it has gained limited recognition in planning, particularly in spatial planning theories. The extent of environmental justice in planning theory remains unrecorded or subtle in planning research. This study evaluates planning theories against the criteria that constitute the dimensions of environmental justice. The results of the work reveal that planning theories generally incorporate environmental justice to a limited extent. The study recommends the introduction of a new environmental justice paradigm shift in planning to bridge the identified gap in planning theory and practice. Regarding planning practice, the study highlights the need for planners to apply the principles of environmental justice in planning to achieve fairness in distribution, recognition, participation, capability consideration, and effects in monitoring and evaluation.Abstract in af: Alhoewel dit weinig erkenning gekry het in beplanningsteorieë en meer bepaald ruimtelike beplanningsteorieë, het die konsep van omgewingsgeregtigheid onlangs sentraal toegetree tot menige diskoers in die Sosiale Wetenskappe. Die omvang van omgewingsgeregtigheid in beplanningsteoriëe blyk beperk te wees en is slegs subtiel te vinde in beplanningsnavorsing. Hierdie studie evalueer bestaande beplanningsteoriëe teenoor die kriteria wat omgewingsgeregtigheid omskryf. Die resultate van die studie toon dat omgewingsgeregtigheid slegs in 'n beperkte mate in beplanningsteorie omvat word. Die studie beveel aan dat 'n nuwe omgewegingsgeregtigheid-wending nodig is om die geïdentifiseerde gaping in beplanning te oorbrug. Verder benadruk die studie die noodsaaklikheid vir beplanningpraktisyns om die beginsels van omgewingsgeregtigheid toe te pas om sodoende regverdigheid in verdeling, erkenning, deelname, monitering en evaluering in beplanning te bereik. |
|
Book review Greening the South African economy: Scoping the issues, challenges and opportunities Schoeman, Calie |
Read our Open Access Statement
