Open-access Mmapa wa dipuisano jwalo ka mokgwa wa ho kgothalletsa khiro e molaong ya sebaka: thuto ya mehlala ya goedverwacht moravian mission village, in the Western cape, South Africa

Abstract

Molao o sa tswa etswa wa Western Cape Land Use Act, 2014 (Act No. 3 ya 2014) o phumula/tlosa Rural Act, 1987 (Act No. 9 ya 1987) mme o hloka hore lefatshe lohle hara mmasepala le kenyelletswe hara ditokiso tsa dibaka tsa mmasepala tse seng di le teng. Temoho ya sena e entse tlhokeho ya botsitso bathong ba dulang Goedverwacht Moravian Mission Village (Goedverwacht), Western Cape; mabapi le bokamoso ba tsela ya bophelo ba kopanelo dikerekeng. Tebellong ya phetoho, baithuti ba Cape Peninsula University of Technology (CPUT) ba nkile karolo projekeng therong ya thuto ka ditshebeletso, ho fumana bohlokwa ba mmapa wa dipuisano jwaloka mokgwa wa khiro ya lefatshe e molaong. Atikele ena e hlalosa hore mmapa wa dipuisano ke tsela ya bohlokwa ya ho etsa tlhokomediso ya sepakapaka sebakeng seo batho ba dulang ho sona. Diphumano di bontsha hore ho etsa mmapa wa nakwana wa "cadastral", ho sebediswa dipehelo tse akaretsang, tekanyetsong e nepahetseng bakeng sa morero; ke tsela e ntle ya ho etsa tlhokomediso le ho fana ka tsela ya ho kgothalletsa khiro e molaong ya lefatshe.


location_on
University of the Free State University of the Free State, Bloemfontein, Free State, ZA, 9301, Tel: +27 51 401 3546 - E-mail: trp@ufs.ac.za
rss_feed Stay informed of issues for this journal through your RSS reader
Go to top