Open-access Litšitiso tsa moralo oa sebaka ho libaka tse qheletsoeng: Tlhahlobo

Abstract

Libaka tse kileng tsa qheleloa ka thoko, joalo ka linaha tsa khale tsa Afrika Boroa, li bile le liphephetso tse tsitsitseng ka lebaka la mabaka a fapaneng. Le hoja liphuputso tse ngata tsa machaba li se li entsoe mabapi le mathata a moralo oa sebaka libakeng tse joalo, ha ho so ka ho etsoa kakaretso e kopaneng e tsepamisitseng maikutlo a yona ho liba-ka tsena. Thuto ena e sebelisa mokhoa o hlophisitsoeng, o latelang melaoana ea PRISMA, ho bokella, ho hlahloba le ho kopanya lingoliloeng tse amanang le sehlooho. Sepheo ke ho totobatsa litsitiso tse sitisang nts'etsopele e tsit-sitseng libakeng tse neng li qheleloa ka thoko. Lingoliloeng tsa Senyesemane tse phatlalalitsoeng pakeng tsa 2010 le 2023 feela li ile tsa hlahlojoa. Ka mor'a ho hlakola tse iphetang le ho sebelisa litekanyetso tsa ho khetha, lingoliloeng tse 34 li ile tsa amoheloa e le tsa bohlokoa. Tlhahlobo ea temothiki e bontsa lintlha tse 'maloa tse sitisang moralo, ho kenyeletsa: ho se phethahat-soe ha maano, ho hloka lisebelisoa tse ka sehloohong, tsamaiso e fokolang ea mehlodi, mathata a ngodiso ea mobu, ho ata ha meaho e seng molaong, kholo e potlakileng ea litoropo, ho se be le matsete a lekaneng a mmuso, mathata a motlakase, ho lieha ha nts'etsopele le liphephetso tsa tikoloho. Thuto ena e bohlokoa haholo ho baetsi ba maano ba batlang ho theha meralo e sebet-sang bakeng sa libaka tse kileng tsa hlokomolohuoa.


location_on
University of the Free State University of the Free State, Bloemfontein, Free State, ZA, 9301, Tel: +27 51 401 3546 - E-mail: trp@ufs.ac.za
rss_feed Acompanhe os números deste periódico no seu leitor de RSS
Ir para o topo