Open-access Thuto ea teko seterekeng sa waterberg ho nts'etsapele spi boemong ba masepala-potlana ho ntlafatsa tekanyo ea nts'etsopele ea batho Afrika Boroa

Abstract

Bakeng sa baetsi ba meralo ea litoropo, ho etelletsa pele nts'etsopele ea batho - ho kenyeletsa thuto, bophelo bo botle, chelete e kenang le tekano - ke seno-tlolo sa ho aha sechaba se tsitsitseng le se atlehileng. Afrika Boroa, bothata bo sa feleng ba ho hloka mesebetsi, bofuma, le ho its'etleha ho feteletseng ho mmuso ho sitisa tsoelo-pele. Sena se totobatsa bohlokoa ba ho lekola le ho latela maemo a nts'etsopele ea batho ho tataisa meralo, matsete le ditsenogare tse reretsoeng boemong bo fapaneng ba puso. Index e ncha e fellet-seng - e tsejoang e le Social Progress Index (SPI) - e lekanya boiketlo ba sechaba ka ho shebana le liphello tsa sechaba le tsa tikoloho ka kotloloho, ho fapana le litekanyetso tsa moruo. Leha SPI e sebelisoa boemong ba liprofinse Afrika Boroa, datha e fumanehang ha e lekane ho hlahloba boleng ba boph-elo boemong ba masepala-potlana, kapa lebatooa. Sengoliloeng sena se tlaleha ka boithuto ba teko bo entsoeng Seterekeng sa Waterberg ho hlahloba hore na ho ka khoneha ho nts'etsapele SPI e sebetsang boemong bona bo tlase. Mokhoa o sebelisitsoeng o the-hiloe holima moralo oa naha oa SPI, o ileng oa tataisa moralo oa index le khetho ea matsoao a amang boleng ba bophelo. Ka lebaka la mathata a data, ho ile ha sebelisoa mokhoa oa boithuto ba mohlala ho fokotsa sebaka sa ts'ebetso le ho tsepamisa mohopolo pokellong ea lintlha. Data e ile ea hlophisoa ka tlhokomelo ho latela bohlokoa, ho fuma-neha le karohano ea sebaka. Software ea ArcGIS Pro ea ESRI e sebelisitsoe haholo ho lekola le ho hlahisa matsoao ana. Tlhahlobo ea lipalo e ile ea thusa ho lekanya lintlha tse akaretsang tsa SPI le ho supa likamano pakeng tsa matsoao. Boithuto bo bontsitse hore SPI ea boemo ba masepala-potlana e ka etsoa, 'me e fana ka boleng bo boholo bakeng sa meralo ea sebaka le ho latela tsoelo-pele ea ntlafatso ha nako e ntse e ea.


location_on
University of the Free State University of the Free State, Bloemfontein, Free State, ZA, 9301, Tel: +27 51 401 3546 - E-mail: trp@ufs.ac.za
rss_feed Acompanhe os números deste periódico no seu leitor de RSS
Ir para o topo