Open-access Ntlafatso ea metse kamora khutliso ea lefatshe: tsepamiso ea maikutlo bohatong ba ntshetsopele e tsetsitseng ea metse

Abstract

Phetoho ea tsamaiso ea lefatshe naheng ea Afrika Borwa e shebane ho fetola metse ea mahaeng ho feta ho kenyeletsa toka khahong ea metse ea litoroppong kamora nako ea aparateiti. Le hoja ho khutlisa lefatshe, eba ka ho fana ka matshediso kapa che, ho tla tlisa lefatshe ho ba bang ba le hlokang, potso e so kang e arajoa ke hore na hotla etsahalang kamora hore lefatshe le khutle. Ho hlokahala phetoho ea melao le meralo ea thero ea lefatshe molemong oa ho netefatsa hore phetoho ea lefatshe e tlisa ntlafatso e tsitsitseng ea metse e litoropong. Kaha ho se ho ntse ho ena le linaha tse kileng tsa fetola tsamaiso le ntlafatso ea lefatshe, boithuto bona bo sebelisitse mehlala ea naha ea Rwanda kamora ntoa ea 1994, le naha ea Netherlands kamora Ntoa ea Bobeli ea Lefatshe.


location_on
University of the Free State University of the Free State, Bloemfontein, Free State, ZA, 9301, Tel: +27 51 401 3546 - E-mail: trp@ufs.ac.za
rss_feed Stay informed of issues for this journal through your RSS reader
Go to top