Open-access Litoropo tse ahiloeng ka kopanelo ke mafapha a sechaba le a ikemetseng - maikutlo a fapaneng le a 'tokelo ea batho litoropong': boithuto ba ho tloha 1986-2021 toropong ea ruwa, Zimbabwe

Abstract

Sengoliloeng se bontsa kamoo nts'etsopele ea litoropo e etelletsoeng pele ke mafapha a sechaba le a ikemetseng e hantseng litokelo tsa baahi ba Ruwa ho laola moralo oa tikoloho le phihlello e theko e tlase ea lits'ebeletso tsa sechaba teropong ea bona. Ruwa ke e 'ngoe ea litoropo tsa pele tse thonngoeng ka mor'a bokolone naheng ea Zimbabwe ka kopanelo ea mafapha a sechaba le a ikemetseng. Boithuto bona bo hlahlojoa ka tshebeliso ea maikutlo a Henri Lefebvre a 'tokelo ea batho litoropong'. Lefebvre e fana ka ponelopele ea metse es litoropo, moo baahi ba laolang sebaka sa litoropo molemong oa tshebeliso ea bona, moo bohoebi bo senang tshutsumetso taolong ea metse le tsoelopele. Ka mokhoa o ts'oanang, sengoloa sena se tsitlella maikutlo a hore, le hoja mokhoa oa tsebelisano-'moho le sechaba o ile oa thusa haholo ntlafatsong ea toropo ea Ruwa, baahi ba ile ba koalloa ka ntle ha ho estoa liqeto, empa e ne e le bona ba nang le seabo se ka sehloohong mosebetsing oa ntlafatso. Boithuto bo susumetsa hore baahi ba lokela ho nka maemo a pele tshutsumetsong ea ntlafatso metseng le litoropong tsa bona. Kahona, tsoelopele e lokela ho qala tlase metseng e ea holimo pusong. Boithuto bona bo entse lipatlisiso tse neng li fumana lintlha ho tsoa litokomaneng tsa mantlha, lirekoto tsa lipalo-palo le lipuisano le ba amehang mafapheng a fapaneng a nts'etsopele toropong ea Ruwa.


location_on
University of the Free State University of the Free State, Bloemfontein, Free State, ZA, 9301, Tel: +27 51 401 3546 - E-mail: trp@ufs.ac.za
rss_feed Stay informed of issues for this journal through your RSS reader
Go to top