Open-access Phatlalatso ea buka e tala (Green Book): sesebelisoa se sebetsang sa ho rala libaka tsa bolulo tsa Afrika Boroa ho ikamahantsoe le phetoho ea maemo a leholimo

Buka e tala ha se buka fela, empa ke sesebediswa sa thero a litoropo se setja, se sebetsang khokahanyong le inthanete, ho ts'ehetsa tloaetso ea libaka tsa bolulo tsa Afrika Boroa litlamorao tsa liphetoho tsa maemo a leholimo le likoluoa. E fana ka bopaki ba likotsi tse ka tlisoang ke phetoho ea boemo ba leholimo ba hajoale le ba nakong e tlang (2050) le tlokotsi e tobaneng le masepala e mong le e mong oa lehae Afrika Boroa (ho kenyeletsoa le libaka tsa bolulo) ka sebopeho sa likhakanyo tsa phetoho ea maemo a leholimo, lits'oants'o tsa tlokotsi ka ho fapana, likhakanyo tsa kholo ea lipalopalo tsa baahi, le kotsi ea maemo a leholimo 'moho le mehlala ea litlamorao. Ho ipapisitse le bopaki bona, Buka e Tala e hlahisitse lethathamo la liketso tse amanang le thero ea litoropo mme e fana ka ts'ehetso ho khethoeng ha liketso tse nepahetseng ho tsoa lenaneng lena hore li kenngoe maanong le mererong ea nts'etsopele ea lehae. Karolo ea bobeli ea sengoloa sena e hlalosa mehato e amehang molemong oa ho nts'etsapele le ho hlophisa lenane lena la liketso mme e hlalosa hore na tlhaiso-leseling e ka bukeng ena e ka sebelisoa joang ho ntsetsa pele moralo oa libaka tsa bolulo tse matlafatsang maemo a leholimo Afrika Boroa.


location_on
University of the Free State University of the Free State, Bloemfontein, Free State, ZA, 9301, Tel: +27 51 401 3546 - E-mail: trp@ufs.ac.za
rss_feed Acompanhe os números deste periódico no seu leitor de RSS
Ir para o topo