Abstract
Sengoliloeng sena se hlahloba taba ea ho fetoha hoa land tenure naheng ea Afrika Borwa, haholo-holo mapabi le basali ba lulang mahaeng a Kwa-zulu-Natala. Ka tshebeliso ea boithuto ba mohlala sebakeng sa UMnini Trust Traditonal Area, sengoliloeng sena se lekola kamoo meralo ea kajeno ea thuo ea lefatshe e ananelang liphapang pakeng tsa banna le basali kateng - haholo-holo tekatekano thuong ea lefatshe mmoho le litokelo tsa basali tabeng ena. Ele ho fumana linthla kemo tse pharaletseng, boithuto bona bo entsoe ka tshebeliso ea mehloli ea manthla le e meng thlahisoleseling. Se fumanoeng boithutong bona ke hore mahaeng a Afrika Borwa, taba ea lefatshe le basali e hlokoa ho eloa hloko, haholo hobane meralo ea lefatshe e etsoang ke 'muso ha e ananele basali. Le kajeno, litloaelo tsa melao e fetileng, e sa ananeleleng le hona ho kenyeletsa basali li ntse li iponahatsa ka botebo metseng ea rona. Sengoliloeng sena se phethela ka ho eletsa hore melao e etsoang mabapi le lefatshe e kenyeletse le hona ho ananela lithloko tsa basali.



