Abstract
Atikele ena e lla/tletleba ka ho tlohellwa kantle ha ditjhaba tse nnyane tsa selehae, mantswe a tsona le pono ya tsona, ho nkeng karolo bakeng sa ho etsa/thea toropo. Atikele e etsa nyewe bakeng sa "ditjhaba tse nnyane" tse etsang kganyetso le kaho botjha ka mekgwa e mengata le dibakeng tse ngata. Ntle le ho sheba di ketsahalo tse tjena jwalo ka tse se nang boiphihlelo kapa tsa sepolotiki, ho batlahala kutlwisiso diketsahalong tse tjena, jwalo ka dikgetho bakeng sa mekgwa ya setoropo ya ho tloha hodimo ho ya tlase (top-down urban processes), mme ka mokgwa oo, e tlisa dipono ho tswa ho ditheori tsa thero tekano, mekgwa ya theori ya tokoloho e itshetlehileng hodima praxis (praxis-based liberation theoretical approaches), le mekgwa ya ntshetsopele ya setjhaba sa tokoloho (emancipatory community development approaches). Atikele ena e hlalosa hore ditjhaba, tse elang hloko matla a ka batlang ho di kgaola ka lehare, di ka bapala karolo ya bohlokwa bakeng sa ho etsa ditoropo "ho tswa tlase". Ho ngangisanwa ka hore sena se ka kgonahala haholo ka hore ditjhaba di fumanane/fihleNane, hape le ho hodisa kopano e tiileng, ho flhlella mekgatlo e kopaneng e nka sebaka; e bontsha matshwao a tsitsitseng a kopano.