Abstract
Lisebelisoa tse teng tsa bohlahisi ha li fane ka setshwantsho se phethahetseng sa ponelopele ea sechaba nakong ea thero le tshebediso ea lefatshe, mme li sitisa ba thero ea litoropo le sechaba ho buisana ka seo pono e se bolelang. Mokhoa puisano ka mokhabo-puo, o tlileng ka Christopher Alexander le ba bang, o hlahisoa ele mokhwa o mocha, o ka sebelisoang naheng ea Afrika Borwa ho hlakisa ponelopele ea sechaba nakong ea thero ea moralo oa ntlafatso ea libaka. Boithuto ba boleng bo entsoeng Moiplaas, 'Masepaleng oa Great Kei, profinseng ea Kapa Bochabela, Afrika Boroa, bo bontsha hore mokhabo-puo oa pele o ka boptjoa ka ho sebetsa le karoloana ea sechaba ho supa linthla tse ikhethileng tsa sechaba ka kakaretso, tse lokelang ho ntlafatsoa, mmoho le tse ncha tseo ba li labalabelang ho latela ponelopele ea bona. Linthla tse ling tsa mokhabo-puo tse hlokang boithuto bo phethahetseng lia hlahisoa.




