Open-access Bokgoni ba yunivesithi ya freistata khempaseng ya qwaqwa ba ho kgontshahatsa kgolo ya moruo wa QwaQwa

Abstract

Atikele ena e lekola hore diyunivesithi di ka nehela jwang moruong wa sebaka seo di leng ho sona, e tsepamisitse maikutlo Yunivesithing ya Freistata khempaseng ya Qwaqwa. Sehlooho sena se ile sa batlisiswa ka ho hlahloba moruo wa selehae moo khempase ya Qwaqwa e leng teng, le hlahlobo ya sepakapaka sa khempase ka bo yona, le ho etsa diinthaviu ho beng ba dikgwebo tsa selehae. Taba ya pele, atikele e bontsha hore hlahlobo ya moruo wa selehae e ka thusa jwang bakeng sa ho nyalanya kabelo kapa dinyehelo tsa yunivesithi le diphetoho tsa sebaka sa selehae. Ka ho qoolla, e buella tsepamiso ya maikutlo ho thuto ya tsa temo-thuo le dinyehelo tse itshetlehileng ho tsa kgwebo ka bobatsi. Ya bobedi, ngangisano e entswe bakeng sa ho hirisa kapa ho etsa lefatshe/sebaka se senang letho khempaseng bakeng sa mesebetsi e sa amaneng le yunivesithi, jwalo ka malapa a fumanang moputso o mahareng kapa sekolo sa poraefete se patadisang tefo e tlase ho ya ho e mahareng. Sepheo sa mohopolo o tjena e tla ba ho fokotsa (cross-subsidize) ditjeho tsa ntshetsopele ya ho eketsa le ho ntlafatsa khempase ya Qwaqwa. Ya boraro, ka ho etsa diinthaviu le beng ba dikgwebo tsa selehae, dingangisano tse mmalwa di ka etswa bakeng sa hore yunivesithi e ka sebedisana jwang hantle le dikgwebo tsa selehae. Tsena di tloha ho faneng ka thupello, ho phatlalatsa diphuphutso, ho eketsa tse ka fihlellwang, le ho etsetsa dikgebo tsa selehae sebaka khempaseng. Ka dingangisano tsena, tlhaloso ya ditaba e bontsha hore karolo ya ho ba yunivesithi e nang le seabo ke ho ela hloko, le ho arabela ditlhoko tsa moruo moo khempase e leng teng.


location_on
University of the Free State University of the Free State, Bloemfontein, Free State, ZA, 9301, Tel: +27 51 401 3546 - E-mail: trp@ufs.ac.za
rss_feed Acompañe los números de esta revista en su lector de RSS
Ir para arriba