Abstract
Leha ho se ho bokelletsoe lingoliloeng tsa boithuto tse ngata mabapi le phetoho ea molao oa moralo ho tloha pheletsong ea aparateiti, liphuputso li foka haholo mabapi le maikutlo a barali ba litoropo ka melao ena e mecha, le litlamorao tsa eona profesheneng ea ho rala libaka haholo-holo thehong ea metse e boleng bo botle. Morero oa sengoliloeng sena ke ho tlatsa sekheo sena sa tsebo lefapheng lena ka ho tlaleha boithuto mabapi le maikutlo a barali ba libaka Kapa Bophirima. Boithuto bona bo kenyelletsa liphuputso mabapi le maikutlo a litsebi mabapi le melao ea meralo e neng e sebelisoa nakong le ka morao ho khethollo ea merabe le litla-morao tsa melao ena meralong le nts'etsopeleng ea metse. Lintlha li ile tsa bokelloa ka lipuisano tse hlophisitsoeng hantle le litsebi tse 25 tse hiriloeng makaleng a sechaba le a poraefete. Mohlala oa thlahiso leseling, o lekanyelitsoeng feela profensing ea Kapa Bophirima, o ile oa sebelisoa e le qalo ea lipatlisiso tse tsoelang pele ka maikutlo a litsebi mabapi le lintlha tsena liporofenseng tse robeli tsa naha. Tse fumanoeng tsa bohlokoa phuputsonbg ena ke hore baetsi ba meralo ka kakaretso ba amohela molao o mocha oa moralo mme ba o nka e le ntlafatso ho oa khale. Liqholotso tse hlahellang li amana haholo-holo le boemo ba litsi le lichelete tseo molao o sebetsang ho tsona ho e-na le molao ka booona, haholo-holo nako e telele e nkuoang ho etsa meralo; tsepamiso ea maikutlo ho fihlelleng lipehelo tsa phano ea matlo ho sa natse lipheo tse ling tsa bohlokoa ntlafatsonhg ea bolulo; bokhoni, le likhaello tsa lichelete.
