Abstract
Taba ea lefatshe naheng ea Afrika Borwa e tsoela pele ho nka maemo a pele likhohlanong tse teng lipakeng tsa mekha ea lipolotiki. Le ha hole joalo, likhohlano tsena hali na tabatabelo ea ho fumana maikutlo a baahi ba lulang metseng e busoang ke marena. Se tshoenyang ke hore molao oa naha ha o hlakise ka botlalo maikarabelo le matla a marena mabapi le tsamaiso ea lefatshe. Ka nqa e nngoe, molao o ikamahanya le mekhoa ea linaha tsa mose, 'me hona ho sitisa tsoelopele e ka tlisoang ke limmasepala tsa metse ea mahaeng a Afrika e Borwa. Molemong oa kutloisiso e batsi, sengoliloeng sena se lekola mekhoa e neng e sebelisoa nakong e fetileng tsamaisong ea lefatshe metseng e mahaeng. Se boetse se shebisisa mathata a tobaneng le thero ea lefatshe Transkei ea mehleng. Likeletsong tse fanoeng, sengoli se bontsha molemo oa thero ea lefatshe e ikamahanyang le semelo sa sebaka seo, e kenyeletsang maikutlo a bohle ba amehang, 'me bohle ba nka karolo liqetong tse nkuoang mabapi le lefatshe la mahaeng.

