Open-access Litumelo tse fapaneng li tlisa mekhoa e mecha ea ho lekola lipuisano tse amanang le lefatshe naheng ea Afrika Borwa

Abstract

Naheng ea Afrika Borwa, meetlo e mmeli ea ma-Afrika le ma-Europe e kopane, mme moetlo ka mong o ikemetse nthleng ea kutloisiso le tsamaiso ea lefatshe. Maemo ana a thatafatsoa ke mokhoa oa boinahana oa kajeno, o iponahatsang ka bokapitale le bokomonisi. Mehopolo ea Litoropo ea Goudappel e sebelisitsoe ho bontsha hore boinahano bo ka susumetsa mekhoa le meetlo e amanang le lefatshe. Karabo ena hase eona fela e ka fanoang, kaha hona le maikutlo a mangata mabapi le taba ea lefatshe, a bileng a thusang libaka ka ho fapana ho fihlela litharollo ho latela maemo le meetlo ea tsona e ikhethileng, ele hore batho ka ho fapana hoa bona ba fumane sebaka sa tulo. Ka hona, sengoliloeng sena se fana ka thlaloso ea hore hona le mekhoa e fapaneng e susumetsang litharollo tse tlisoang mathateng a shebaneng le lefatshe naheng ea Afrika Borwa.


location_on
University of the Free State University of the Free State, Bloemfontein, Free State, ZA, 9301, Tel: +27 51 401 3546 - E-mail: trp@ufs.ac.za
rss_feed Acompañe los números de esta revista en su lector de RSS
Ir para arriba