Servicios Personalizados
Articulo
Indicadores
Links relacionados
- Citado por Google
- Similares en Google
Compartir
Town and Regional Planning
versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X
Resumen
JEEVA, Zaakirah; CILLIERS, Juanee y GUMBO, Trynos. Tlhahlobo ea e meng ea mekhoa e sebelisoang ho arola meeli ea lefats'e. Town reg. plan. (Online) [online]. 2023, vol.82, pp.52-61. ISSN 2415-0495. http://dx.doi.org/10.18820/TRP.V82I.7116.
Lilemong tsa morao tjena, libaka tsa bolulo li nametse ka ng'ane ho meeli ea kholo ea litoropo, ele litla-morao tsa mabaka a 'maloa, a kenyelelitseng ho falla, theknoloji le ho senyeha ha metse litoropong. Ka lebaka leo, mebuso lefatseng ka bophara e khethile ho hlophisa bocha meeli ea eona ea tsamaiso ea lehae (masepala) hore e lumellane le kholo e sa reroang, ha e ntse e beha moeli o hlakileng oa hore na tikoloho ea litoropo e ka hola hakae. Ntle le moeli o hlakileng oa tsamaiso, mathata a litoropong a kang likhohlano tsa sechaba, phetiso ea tsamaiso, bobolu ba lipolotiki, khaello ea phano ea litsebeletso, le ho senyeha ha tikoloho li tsoa taolong. E le ho utloisisa matla a susumetsang karolo ea meeli ea tsamaiso, sengoloa sena se hlahloba hore na meeli ea tsamaiso ea lehae e ka hlalosoa joang ho latela maikutlo a khopolo-taba. E tsoela pele ho manolla mekhoa e fapaneng ea ho hlalosa hore na meeli e ka aroloa joang le sebopeho sa eona. Sengoliloeng se senola hore, ho latela maikutlo a khopolo-taba, mokhoa oa ho beha meeli ea tsamaiso ea litoropo ha o bonahale, kaha lintlha tse fapaneng li susumetsa litsamaiso tse se nang taolo. Qetllong, sengoloa sena se fana ka tlhokomeliso ea liqholotso tsa ho arola meeli ea tsamaiso ea lehae, ka litlamorao tsa tsamaiso le maano. Tsamaisong, sengoloa se fana ka leseli holim'a mekhoa e ka susumetsang ho seha meeli. Mabapi le maano, se bontsa hore ho seha meeli ke phephetso e kholo e hlokang lipatlisiso le mehato e meng e tla fokotsa litla-morao.
Palabras clave : local administration; demarcation; local boundaries; functional linkages.