SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.79Land use land cover change and land surface emissivity in Ibadan, NigeriaIntroducing the Green Book: A practical planning tool for adapting South African settlements to climate change author indexsubject indexarticles search
Home Pagealphabetic serial listing  

Services on Demand

Article

Indicators

Related links

  • On index processCited by Google
  • On index processSimilars in Google

Share


Town and Regional Planning

On-line version ISSN 2415-0495
Print version ISSN 1012-280X

Abstract

WALL, Kevin. Tokelo ea lisebelisoa tsa litsebelerso tse sebetsang ntle le tsitiso litoropong -tlahlobo. Town reg. plan. (Online) [online]. 2021, vol.79, pp.55-66. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp79i1.7.

Sepheo sa manthla sa mmuso oa lehae Afrika Borwa, joalokaha ho hlalositsoe molaong oa motheo, ke ho netefatsa phano ea litsebeletso ho sechaba ka mokhoa o tsitsitseng. Leha ho le joalo, ho se tsotelloe ha litsebeletso tsa manthla ho ntse ho tsoela pele ho sitisa phihlello ea phano ea litsebeletso, 'me sena se ama baahi bohle le moruo. Sengoli, se bonts'itse hore khaello ea tlhokomelo e lebisa ka kotloloho ho hloleheng ha litsebeletso tsa manthla joaloka meaho. Sena o se fihletse ka boiphihlelo ba hae tshebetsong ea lilemo tse ngata 'moho le boithuto bona mabapi le ts'ebetso le tlhokomelo ea meaho, hammoho le lipatlisiso tsa morao-rao tse pharalletseng. Sena se senya moruo hape se sitisa baahi, 'me ka hangata se ba amoha litokelo tsa bona. Sengoliloeng sena se hlokomelisa a mang a mabaka hlalosang ho hloleha ha litsebeletso tsa manthla le phano ea tsona, 'me se hlahloba mekhoa ea ho metha thlokahalo ea litsebeletso tsena le phano ea tsona. Sengoliloeng sena se boetse se lekola litlamorao tsa ho hloleha ha phano ea litshebeletso mme e ela hloko liphihlelo tsa litoropo tse nne, tseo kaofela ha tsona di nang le kgaello ea phano ea litshebeletso tsa manthla ka kakaretso. Sengoloa sena se phethela ka ho bapisa liphatlalatso tsa sechaba tsa ba boholong joalo ka Matona le Mohlahlobi e Moholo oa Libuka, 'moho le khaello ea ts'ebetso ea maphomella ka lehlakoreng la bomasepala ba bangata. E qetella ka ho botsa hore na ke hobane'ng ho na le khaello e joalo.

Keywords : Infrastructure maintenance; infrastructure operation; municipalities; service delivery failures; economy; budgets; skills.

        · abstract in English | Afrikaans     · text in English     · English ( pdf )

 

Creative Commons License All the contents of this journal, except where otherwise noted, is licensed under a Creative Commons Attribution License