Servicios Personalizados
Articulo
Indicadores
Links relacionados
- Citado por Google
- Similares en Google
Compartir
Town and Regional Planning
versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X
Resumen
HUCHZERMEYER, Marie. Thlahlobo ea maikutlo a lefebre mabapi le thero ea libaka e ikamahanyang le metse e as reroang (ea baipehi) Afrika Boroa. Town reg. plan. (Online) [online]. 2021, vol.79, pp.44-54. ISSN 2415-0495. http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp79i1.6.
Kamano lipakeng tsa metse esa reroang le thero ea libaka e tiisoa ke ntlafatso ea maphomella. Naheng ea Afrika Boroa, molao o tlama hore kamano ena e be a se nang tsitiso ka hohle kamoo ho ka khonehang. Leha ho le joalo, ho thata ho netefatsa sena, joalo ka ha ho ile hoa iponahatsa ntlafatsong ea Slovo Park, Johannesburg. Sengoliloeng sena se bonts'a bohlokoa ba maikutlo a Henri Lefebvre mabapi le litokelo tsa batho litoropong 'moho le phapang ea libaka, ele ho ikamahanya le thero ea libaka le metse e sa reroang. Sengoliloeng se hlokomela hore mehopolo e amanang le thero ea litoropo e ikamahanya le se etsahalang kantle ho melao e amehang. Sena se akaretsa tlhaloso ea Lefebvre ea hore molao o susumetsa ntshetsopele ea litoropo e sa reroang le e seng molaong. Kaha tlhaloso ena ea Lefebvre e bulehile, e fana ka lintlha tse lebisang ho mokhoa o mong oa phetisetsano ea litharollo. Sengoliloeng sena se bontsa bohlokoa ba phetisetsano bakeng sa phetoho ea thero ea litoropo tsa Afrika Boroa.
Palabras clave : Henri Lefebvre; informal settlements; in situ upgrading; planning; planning theory; right to the city; Slovo Park; in situ opgradering.