Serviços Personalizados
Artigo
Indicadores
Links relacionados
- Citado por Google
- Similares em Google
Compartilhar
Town and Regional Planning
versão On-line ISSN 2415-0495
versão impressa ISSN 1012-280X
Resumo
TSORIYO, Wendy; INGWANI, Emaculate; CHAKWIZIRA, James e BIKAM, Peter. Liphihlelo tsa barekisi le litaaso mabapi le 'tokelo tsa batho litoropong' moralong le tsamaisong ea literata litoropong tse nyane seterekeng sa Vhembe, Afrika Boroa. Town reg. plan. (Online) [online]. 2021, vol.79, pp.6-17. ISSN 2415-0495. http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp79i1.3.
Nakong ea joale ho feta pele, tlhokahalo ea phetoho ea libaka molemong oa ntlafatso ea litokelo tsa baahi ba litoropo e ntse e eketseha haholo. Sena se bonahala ka ho khetheha tikolohong ea litoropo tsa Afrika Boroa. Sengoliloeng sena se hlahloba liphihlelo tsa barekisi le litaaso (basebelisi ba literata) mabapi le tokelo ea bona ea ho ea teropong, ho ikamahantsoe le meralo ea literata le taolo ea literopo tse nyane Seterekeng sa Vhembe Afrika Boroa. Sengoliloeng se entsoe ka lipatlisiso 'moho le boithuto bo khethehileng ba libaka tse khethiloeng. Lintlha li ile tsa bokelloa ka lipuisano le litsebi tse robeli tse ka sehloohong tsa thero le tsamaiso ea literata. Ho boetse hoa etsoa liphuputso ka lethathamo la lipotso ka literata, tse fuoeng kakaretso ea barekisi ba 100 le batho ba 400 ba tsamaeang ka maoto litoropong tse khethiloeng tsa boithuto. Tlhahlobo e entsoe holima kakaretso ea lintlha tse bontshang khotsofalo ea basebelisi ba literata. Khotsofalo ena e entsoe ho ipapisitsoe le boleng ba sebaka. Khopolo ea Lefèbvre ea 'tokelo tsa batho litoropong' e ile ea sebelisoa hobopa moelelo lipatlisisong tse entsoeng. Liphuputso li senola hore basebelisi ba literata litoropong tsohle tsa phuputso ha ba khotsofatsoe ke boleng ba tsona haholo holo mabapi le polokeho. Ka ho fetisisa toropong Thohoyandou, phepetso e ka sehlohong e bile ea bothata ba ho tsamaea literateng tsa toropo ena. Liphuputso li senola hore liphapang tsa moruo, tsa histori le tsa libaka li ama liphihlelo tsa basebelisi ba literata 'tokelong ea litoropo. Lipotso tse kang "Ke tokelo batho bafeng litoropong?" le "tokelo efe ea batho litoropong?" li lula li sa hlaka. Ele ho theha literata ka toka, moo barekisi le litaaso li natefeloang ke lithloko tsa bona tse fapaneng tsa 'tokelo ea toropo,' basebelisi ba tlameha ho amohela liphapang tse teng lipakeng tsa bona, 'me bomasepala ba literopong tse nyane ba lokela ho tsoela pele ho ithuta, ho etsa liteko le ho theha litoropo ka kopanelo.
Palavras-chave : The 'right to the city'; spatial (in)justice; vendors and pedestrians; street design; street management; small urban centres.