Services on Demand
Article
Indicators
Related links
- Cited by Google
- Similars in Google
Share
Town and Regional Planning
On-line version ISSN 2415-0495
Print version ISSN 1012-280X
Abstract
SINXADI, Lindelwa; AWUZIE, Bankole and CAMPBELL, Maléne. Maikutlo a banka-karolo ba fapaneng mabapi le mekhoa ea ho sebetsana le ketsahalo ea kenello ea libaka tsa boikhathollo ba sechaba litoropong: Temohiso ea Freedom square, Bloemfontein. Town reg. plan. (Online) [online]. 2020, vol.77, pp.137-148. ISSN 2415-0495. http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp77i1.10.
Lipatlisiso tse 'maloa li ithutile ketsahalo ea ho fela hoa libaka tsa boikhathollo ba sechaba litoropong tsa Afrika Boroa. Leha ho le joalo, ho bile le thlokomelo ea hore boithuto bo joalo bo lekola litoropo ke kholo tse tsoetseng pele, ha litoropo tse nyane tsona li sa fuoe tekolo e kalo-kalo. Ntle le moo, liphetho tse tsoang liphuputsong tsena li hlahisitsoe ke maikutlo a baemeli ba mekhatlo ea meralo kapa baemeli ba sechaba se amanang le ho kenelloa hoa libaka tsa boikhathollo. Sena se fana ka maikutlo a ho ba sieo ha tsebelisano 'moho le bankakarolo ba mekhahlelo e meng ea batho ba amehang tabeng ena. Sengoloa sena se kenya letsoho ho koaleng likheo tsena tse hlokometsoeng ka ho hlohlelletsa maikutlo a bankakarolo ba fapaneng ketsahalong ea ho kenelloa ha libaka tsa boikhathollo ba sechaba litoropong tse kholo, ho sebelisoa mohlala oa motse-moholo oa Mangaung. Ka ts'ebeliso ea moralo oa lipatlisiso oa thuto ea boleng, lintlha li ile tsa bokelloa ka lipuisano tse hlophisitsoeng hantle le lipuisano tsa lihlopha tse khethiloeng. Banka-karolo ba khetiloe ka kotloloho ho tsoa lefapheng la meralo la Masepala oa Mangaung le litho tsa sechaba tse lulang lekeisheneng la Freedom Square, Bloemfontein. Lintlha li ile tsa hlahlojoa ho sebelisoa mokhoa oa tlhahlobo-sehloho. Linthla tsa bohlokoa tsesusumetsang ketsahalo ena li kenyelletsa maemo a tlase a ho bala le ho ngola, maemo a tlase a ho nka karolo ha baahi litabeng tsa ho rala, le ho hloleha ha meralo ho sebetsana le likhohlano tsa boleng metseng. Liphetho tse tsoang boithutong bona li kenya letsoho phuputsong e pharalletseng e batlang ho nts'etsapele moralo oa libaka se bulehileng tsa boikhatollo litoropong le moralo oa taolo ho thibela liketsahalo tsa ho kenelloa hoa libaka tsena litoropong tse kholo. Ka lebaka leo, liphuputso tsa boithuto bona li na le moelelo o sebetsang ho bankakarolo ba meralo ba ikemiselitseng ho thibela ketsahalo ea tsenyo le kenello ea libaka tse bulehileng tsa boikhathollo makeisheneng a Afrika Boroa.
Keywords : Bloemfontein; encroachment; sustainable neighbourhoods; urban public open space.