SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.76Perceptions on corruption and compliance in the administration of town planning laws: The experience from Lagos Metropolitan Area, NigeriaCapturing a community's vision as a pattern language: Case study of the Mooiplaas community in Great Kei Municipality, South Africa índice de autoresíndice de materiabúsqueda de artículos
Home Pagelista alfabética de revistas  

Servicios Personalizados

Articulo

Indicadores

Links relacionados

  • En proceso de indezaciónCitado por Google
  • En proceso de indezaciónSimilares en Google

Compartir


Town and Regional Planning

versión On-line ISSN 2415-0495
versión impresa ISSN 1012-280X

Resumen

GIBBENS, Menini  y  SCHOEMAN, Carel. Thero ea nts'etsopele ea boipheliso bo tsitsitseng tikolohong ea mahaeng a Afrika Boroa: Katamelo ea tekanyo e tlase. Town reg. plan. (Online) [online]. 2020, vol.76, pp.14-28. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp76i1.2.

Naheng ea Afrika Borwa, mekhahlelo e fapaneng ea mmuso (ea naha, ea liprofinse le ea masepala) e na le maikarabello a fapaneng mabapi le thero le nts'etsopele ea mahaeng. Le ha hole joalo, hangata maano a nts'etsopele ea mahaeng a etsoa ke mmuso oa naha le oa provense, mehlala ke Comprehensive Rural Development Programme (CRDP) ea 2009 le National Spatial Development Framework (NSDF) ea 2018. Ho latela Lefapha la Nts'etsopele ea Libaka tsa Mahae le Phetoho ea Mobu (DRDLR), boiteko bona bo tsoang makaleng a fapaneng a mmuso oa Afrika Boroa bo ntse bo sa fihlele litabatabelo tsa ntlafatso ea mekhoa ea boipheliso mahaeng, eleng bothata bo tshweroeng ke linaha tse ling tsa Afrika. Kaholimo ho thero le tekanyo ea tshebetso e nepahetseng, tikoloho ea boipheliso mahaeng kahare ho Afrika Borwa e hloka kutlwisiso e ikhethang ea phapang e pharalletseng ea libaka tsa 'mahaeng a Afrika Boroa'. Lipatlisiso tsa boithuto mabapi le tshusumetso ea thero maemong a mahaeng (tekanyo e tlase), joalo ka ha ho hlahisitsoe sengoliloeng sena, e ka fana ka leseli la bohlokoa ba ho hlokomela mekhoa e tsitsitseng ea boipheliso mahaeng. Ka tlhahlobo ea lingoloa tse amehang, sengoliloeng sena se rerile ho hlahloba nts'etsopele e tsitsitseng ka kakaretso, ha ka hlakoreng le leng e lekola mekhoa e tsitsitseng ea boipheliso mahaeng le thero ea tekanyo e tlase. Potso ea sehlooho e mabapi le kamoo thero ea tekanyo e tlase e ka kenyang letsoho ho netefatsa mekhoa ea boipheliso tikolohong ea mahaeng a Afrika Boroa. Sengoliloeng sena se boetse se bua ka ho rarahana ha sebaka sa 'mahaeng' le kutloisiso ea sona ketsong ea meralo ea nts'etsopele Afrika Boroa, se bile se fana ka maemo a tikoloho ea boipheliso bo tsitsitseng mahaeng. Mehlala ea thero ea tekanyo e tlase ea meralo Afrika le Afrika Boroa e tsohloa ho hlakisa tsebeliso ea eona mabapi le bophelo bo botle ba mahaeng Afrika Boroa. Qetellong, boithuto bona bo senola hore, le ha maano a bohareng a ntse a phetoa Afrika Boroa ho ts'ehetsa nts'etsopele ea mahaeng, ho fihlella mekhoa e tsitsitseng ea bophelo ba mahaeng ho hloka maano a kenyelelitseng thero e tekanyo e tlase ea nts'etsopele. Ka baka lena, barutehi, litsebi tsa meralo le bo-ralipolotiki ba lokela ho ts'ehetsa le ho nts'etsapele thero ea tekanyetso e tlase ea boipheliso ba mahaeng, mme ba e latelle ho fihlela sepheo sa Morero oa Ntshetsopele ea Naha oa 2012 (NDP) sa ho felisa bofuma le ho khothaletsa baahi ho ba mafolofolo ntlafatsong ea bona.

Palabras clave : Rural development; rural planning; micro-level planning; sustainable development; sustainable rural livelihoods.

        · resumen en Inglés | Africano     · texto en Inglés     · Inglés ( pdf )

 

Creative Commons License Todo el contenido de esta revista, excepto dónde está identificado, está bajo una Licencia Creative Commons