SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.73 author indexsubject indexarticles search
Home Pagealphabetic serial listing  

Services on Demand

Article

Indicators

Related links

  • On index processCited by Google
  • On index processSimilars in Google

Share


Town and Regional Planning

On-line version ISSN 2415-0495
Print version ISSN 1012-280X

Abstract

VAN NIEKERK, Brendon. Matlo morerong wa ho etsa motse setoropo: molawana bakeng sa ho se kgothalletse tshubuhlellano / ho petetsana (sprawl) le ho nehelana ka matlo dibakeng tse lokileng, hape e le matlo a kgonang ho lefellwa Afrika Borwa. Town reg. plan. (Online) [online]. 2018, vol.73, pp.68-82. ISSN 2415-0495.

Kgopolotaba ya "ho etsa matlo morerong wa ho etsa motse setoropo" e elahloko dintlha tsa botho, dipolotiki le moruo, tseo bophelong di fetohang ho ba matlo a leng haufinyanya le mesebetsi, ditshebeletso tsa masepala, dibaka tsa batho, bophelo bo botle, disebediswa tsa dikolo le ditshebeletso tsa batho, ha ka lehlakoreng le leng hape di fa malapa meralo ya motheo (infrastructure) e hlokahalang bakeng sa bophelo bo nang le boleng. Dikelohloko tsena ha di a kenyelletswa programong/lenaneong la mmuso wa Afrika Borwa wa palo ya matlo a fumanwang ke bongata ba batho ba fumanang moputso o tlase ho fihlela hajwale. Tlhatlhamano ya dithuto tsa mehlala (case studies) di bontsha hore Afrika Borwa, mofuta o monyane wa toropo hase hakaalo o etsang mofuta o leng tjhipi ho feta mofuta o petetsaneng ka lebaka la meralo ya motheo ya mehato e itseng, bokgoni, sebaka, tshebediso e kopaneng ya lefatshe le diphapang tsa teteano hodima nako le sebaka. Ka lebaka la dikamano tse kopakopaneng pakeng tsa boleng ba lefatshe dibakeng, theko ya meaho le ditshebeletso tsa toropong, theko e tlwaelehileng ya transporoto le bokgoni bo eketsehileng ba mokgwa wa tshebetso wa meralo ya motheo; karohano e bonolo ya dibaka kgahlanong le tshebediso ya matlo ma mannyane sebakeng le ntshetsopeleng ya toropo ha di a tshwaneleha. Dipatlisiso sebakeng ka seng di tlamehile di etswe hore ho utlwisiswe melemo ya botho, polotiki le moruo, mme di tla eketseha bakeng sa malapa ho tswa dibakeng tsa bona metsemeholong. Dithuto tsa mehlala hape di bontsha hore, nakong e telele, thekokakaretso ya dintlafatso tsa matlo dibakeng tse hantle, tse amohelang melaong ya "bodulo phetholelong ya motse setoropo" ka botlalo; e ka ba theko e tlase bakeng sa bommasepala le ho badudi ba intlafaletsang matlo a bona, ho e na le dintlafatsotso tsa bodulo dibakeng tse seng ntle, tse qaqolohaneng. Diqeto tse nkilweng, tse elang hloko "bodulo phetholelong ya motse setoropo" di ka thusa ketsong ya mokgwa o sebediswang wa toropo, moo mehlodi/disebediswa di entsweng mahala bakeng sa badudi ba toropong le mekgatlo lekaleng/sektareng ya batho bohle ka ho tshwana.

Keywords : Affordable housing; housing as urbanism; fiscal impact study; urban efficiency; urban sprawl.

        · abstract in English | Afrikaans     · text in English     · English ( pdf )

 

Creative Commons License All the contents of this journal, except where otherwise noted, is licensed under a Creative Commons Attribution License