SciELO - Scientific Electronic Library Online

 
vol.73 índice de autoresíndice de assuntospesquisa de artigos
Home Pagelista alfabética de periódicos  

Serviços Personalizados

Artigo

Indicadores

Links relacionados

  • Em processo de indexaçãoCitado por Google
  • Em processo de indexaçãoSimilares em Google

Compartilhar


Town and Regional Planning

versão On-line ISSN 2415-0495
versão impressa ISSN 1012-280X

Resumo

CONRADIE, Dirk. Letsatsi, moriti le tjhabo ya letsatsi e tlwaelehileng Afrika Borwa bakeng sa moralo wa toropo, re itshetlehile hodima tshwane (Pretoria). Town reg. plan. (Online) [online]. 2018, vol.73, pp.47-67. ISSN 2415-0495.  http://dx.doi.org/10.18820/2415-0495/trp73.4.

Tlhatlhobo ya ditoropo le metsemeholo e fapaneng ya Afrika Borwa, e etswang ka mokgwa wa tlelaemete (mohatsela/ mofuthu wa naha) ya tse phelang "bioclimate", e bontshang hore ha ho ka sebediswa motswako o nepahetseng wa melawana ya moralo wa toropo, tsena kaofela di ka ba le bokgoni bo matla ba moralo o hlokahalang. Hotswa mekgweng eo kaofela, tshireletso ya motlakase o fumanang matla letsatsing (solar) le moriti, ke wona moralo o le mong o bohlokwa ka ho fetisisa bakeng sa ho fokotsa tshebediso ya motlakasi le ho matlafatsa boiketlo bakeng sa meaho yohle diterekeng tse angwang haholo ke tlelaemete Afrika Borwa. Moralo o nepahetseng wa dibaka tse sa sebedisweng le diterata/ditsela o etella pele meaho e nang le tshebediso e nepahetseng/ntle ya motlakase, ka nako yona eo; e ntse e fana ka dibaka tsa toropo tse sa sebedisweng le diterata/ditsela tse sebetsang le tse phutholohileng. Meaho e sebedisang motlakase o fumanang matla letsatsing, e ikemiseditse ho baballa boiketlo bo kahare ba motjheso wa nakong yohle ya letsatsi le motshehare, le nakong yohle ya selemo, ka yona nako eo ba ntse ba fokotsa tlhoko ya morero o sebetsang wa ho futhumatsa le ho hatsetsa. Maikemisetso a atikele ena ke ho hlahloba tshwaetso/kgahlamelo ya mabatowa/dizounu tse angwang ke tlelaemete hodima bokgoni ba moralo, moo teng ho etsa moriti e leng karolo ya bohlokwa, ho sebediswa Tshwane (Pretoria) jwalo ka thuto ya mehlala (case study). Sena se kenyelletsa tshwaetso/kgahlamelo ya bophara ba seterata, bophahamo/botelele ba moaho, moralo wa seterata, maikemisetso le bongata ba kganya ya letsatsi e teng bakeng sa difate le dijalo tikolohong ya toropo. Molao wa Moralo wa Sepakapaka le Taolo ya Lefatshe wa 2013 (Spatial Planning and Land Management Act (2003), Molawana wa toropo ya Tshwane wa Tshebediso ya Lefatshe wa 2016 (City of Tshwane Land Use Management By-law (2016) le Morero wa Tshwane wa Moralo wa toropo wa 2008 (the Tshwane Town-Planning Scheme 2008) (O boeleditsweng ka 2014), di sebedisitswe jwalo ka moralo wa taolo. Ho tshehetsa dipatlisiso, sethala (platform) sa diteko sa Early Design Phase (EDP) se sebedisitswe ho fuputsa/hlahloba bongata ba kganya ya letsatsi hodima bokapele ba meaho e nang le maikemisetso a fapaneng. Mokgwa ona o dumella tekanyetso ya dikgutlo tsa moriti moo ho nang le tekatekano dipakeng tsa dinako tsa motjheso (moo ho hlokahalang hore ho phole) le dinako tseo ho batang ka tsona (moo ho hlokahalang motjheso) ho ya kamoo toropo le kaho di bonahalang ka teng. Sena se fumanwe ka mokgwa wa ntshetsopele ya dinolo tsa manollo (software) tse sebedisang defaele tsa boemo ba lehodimo jwalo ka e nngwe ya diphehiso bakeng sa ho bala dikgutlo/mahlakore a bohlokwa a motlakase o fumanang matla a letsatsi. Ka hodima palo ya kaho ya hajwale ya mahlakore a sireletsang motlakase o fumanang matla a letsatsi, mokgwa ona hape o etellapele ho eketseha ha tshireletso ya motlakase o fumanang matla a letsatsi e tla hlokwa phethohong ya tlelaemete, jwalo ka tebello ya ketsahalo ya phethoho ya tlelaemete ya A2 (Ketsahalo ya mosebetsi jwalo ka ka mehla) bakeng sa Afrika Borwa. Ho tshehetsa manollo ena ya EDP, ditshusumetso tse nang le dintlha le tsona di ile tsa sebediswa ka tsela ya Ecotect v5.60.

Palavras-chave : Cities; climate change; natural daylight; shade; sun; South Africa.

        · resumo em Inglês | Africaner     · texto em Inglês     · Inglês ( pdf )

 

Creative Commons License Todo o conteúdo deste periódico, exceto onde está identificado, está licenciado sob uma Licença Creative Commons